29/05/2026
Tlhaloso e bobebe ea Perimenopause
Perimenopause ke nako eo ’mele oa mme o qalang ho fetoha butle-butle pele ho menopause. Ke “transition phase” pele motho oa mme a emisa ho bona linako tsa hae tuu tuu(menstrual periods), Menopause.
Nakong ena, level ea li-hormone/maro a kang estrogen le progesterone, maro a botona lea bits'ehali lia fokotseha hape lia feto-fetoha, ntho e tloalehileng kah**e ke hormonal inbalance. Re hopole h**e bo mme ba sentse ba na le estrogen e tlaase-nyana. Ho na ho ka etsa h**e motho a ikutloe ka tsela e sa tloaelehang(discomfort).
Kapa e ka etsang a ikutloe a kula ke nthoena le nthoane empa a sa khone ho supa hantle sesosa sa bokuli.
Hangata e qala lilemong tsa bo-40, empa ba bang e ka qala le pele hanyane, bo-35 years, le pele ho moo. E ka nka lilemo tse ’maloa, 2,4,8 even 10 years.
NB: Hase mme emong le emong a ka ikutloang ha a fihlella Perimenopause.
U ka tseba h**e u so fihlile ho perimenopause ha u bona linako/periods tsa hau li feto-fetoha: o so bona phallo ea tsona/flow e ba holimo haholo kapa e ba tlaase. Ka nako tse ling u tlolise likhoeli kapa u iphete.
Nakong ena, matšoao a ka tla a tsamae a nyamela, motho a ikutloe hantle likhoeli tse itseng, ebe matšoao a khutla hape.
Mats'oao a tloaelehileng:
Mokhathala o mongata o sa feleng leha u phomotse
Ho sokola boroko kapa robala haholo
Mmele o bohloko
Ho opelo ke hlooho
Mahetla a bohloko
Ho fufuleloa haholo-holo bosiu
Mocheso o mongata o mmeleng
Skin se omellang
Moriri o ba bobebe o bo hlothehe
Masapo kapa manonyelotso a bohloko
Bolebali bo bongata, le ho lebala mantsoe ha u ntso bua le mabitso a lintho le batho
Botho ba mme bo imella haholo
Thobalano e ba bohloko
Takatso tsa thobalano li fokotseha haholo kapa li ba holimo ka tsela e sa tloaelehang
Ho chencha ha monko oa botho feela o sena mafu a likobo
Mood swings-ho koata, ho teneha kapa ho halefa habobebe ka tsela eo u sitoang ho e laola
Ho ba le letsoalo le lengata empa hosena letho le u ts'ositseng(Random Anxiety or panic attacks)
Ho ba le litoro tse nyarosang(nightmare)
Ho ba le boikutlo ba h**e ekare o tlo shoa(Random death thoughts or wishes)
Ho nyahama ho hongata(feeling deppressed)
Ha u se u fihletse Perimenopause atamela Pharmacy/chemist ho fumana supplements tse ka u thusang u bolele liphetoho tseo u li bonang.
Ha u ikutloa u kula e ea ngakeng u bolele h**e u belaela u so fihletse Perimenopause.
U ka letsetsa nomoro tsena bakeng sa tlhaloso
+266 68000088