Naledi Funeral Planners

Naledi Funeral Planners All Funeral Service needs

Warm clothes and full hearts. ❤️🍲Ka mora ho etsa lets'olo la ho bokella liaparo, re tlisitse mofuthu sechabeng sa Ha Tla...
21/08/2026

Warm clothes and full hearts. ❤️🍲

Ka mora ho etsa lets'olo la ho bokella liaparo, re tlisitse mofuthu sechabeng sa Ha Tlali-Posong, e le ho tlatsetsa le ho nanabetsa letsoho moo tlhoko e leng teng. Re ile ra pheha le ho fana ka lijo ho bo Nkhono le bo Ntate-Moholo ba rona bao e leng bareki ba rona, 'moho le sechaba.

Naledi Funeral Planers- Re na le lona ka linako tsohle.

Funeral Planners

Re leboha le ho lebohisa Basali bohle ba ntseng ba tsoela pele ho ikopanya ka Mekhatlo e le ho fana ka ts'ireletso ho ma...
21/08/2026

Re leboha le ho lebohisa Basali bohle ba ntseng ba tsoela pele ho ikopanya ka Mekhatlo e le ho fana ka ts'ireletso ho malapa a bona ka linako tsohle, etsoe ntja peli hae hloloe ke sebata.

Theha mokhatlo kajeno u sireletse se bohlokoa ho uena.

Ho tloha Tele ho ea tsoa Mechechane, re tlisa lit'sebeletso haufi le uena.Re letsetse mahala ho 8004 0410 kapa u romelle...
17/08/2026

Ho tloha Tele ho ea tsoa Mechechane, re tlisa lit'sebeletso haufi le uena.

Re letsetse mahala ho 8004 0410 kapa u romelle molaetsa ka WhatsApp ho 5946 8887 re u thuse.

Khoeling ena ea Phato, re tlotla Basali bohle ba nkileng boikarabello ba ho fa malapa a bona lerato la moshoelella, e le...
13/08/2026

Khoeling ena ea Phato, re tlotla Basali bohle ba nkileng boikarabello ba ho fa malapa a bona lerato la moshoelella, e leng ho sireletsa se bohlokoa ho bona.

Mosali ea bohlale ke ea roallang le sa sele.

Ha ho sebaka se hole - ho tloha hara lithota ho isa lihlabeng tsa Lesotho, Naledi Funeral Planners e eme le uena ka lina...
07/08/2026

Ha ho sebaka se hole - ho tloha hara lithota ho isa lihlabeng tsa Lesotho, Naledi Funeral Planners e eme le uena ka linako tsohle🌟

Re u thusa ho lata le ho felehetsa baratuoa ba hau:
📍 Ho tloha ka hare ho naha ea Lesotho
🌍 Ka ntle ho naha (’moho le linaha tsa SADC)
📄 Re sebetsana le litokomane le cross-border permits

📞 Re letsetse mahala (Toll-Free): 8004 0410
Re tšoare ka WhatsApp: 5946 8887


Na u ne u tseba? Ho fetisa li khoeli tse tharo tse latellaneng u sa lefa seabo sa hau, ho etsa u lahleheloe ke botho.Tlh...
03/08/2026

Na u ne u tseba?

Ho fetisa li khoeli tse tharo tse latellaneng u sa lefa seabo sa hau, ho etsa u lahleheloe ke botho.

Tlhokomeliso:
1. Lefa pele ho la 8 khoeli le khoeli
2. Ha u kopana le bothata kapa u batla tataiso ka Mpesa le Ecocash, re letsetse mahala ho 8004 0410 re u thuse.
3. Ha u sebelisa Debit Order, hopola ho siea chelete e lekaneng bankeng ea hau pele u huleloa.

Khetha mokhoa o bobebe o lokelang uena 'me u lule u sireletsehile.


Ho lahleheloa ke baratuoa ba hau, ho bohloko ebile ho ka u bakela khatello ea maikutlo. 'Me haeba u sa itšireletsa, litš...
29/07/2026

Ho lahleheloa ke baratuoa ba hau, ho bohloko ebile ho ka u bakela khatello ea maikutlo. 'Me haeba u sa itšireletsa, litšenyehelo tsa ho hlophisa tšebeletso ea lepato li ka eketsa boima ba hau.

Ke ka hona Mochochonono Burial Plan e leng teng ho u fa boikhutso le phomolo nakong e boima. Khetha mokhahlelo oa hau oa tšireletso kajeno mme u bolokehe.

Re le Naledi Funeral Planners, re motlotlo ho ts'ehetsa Khotso Stress Inmate Soccer Tournament e neng e ts'oaretsoe Moha...
28/07/2026

Re le Naledi Funeral Planners, re motlotlo ho ts'ehetsa Khotso Stress Inmate Soccer Tournament e neng e ts'oaretsoe Mohale's hoek. Sepheo e ne e le ho tlisa ts'ebelisano mmoho lipakeng tsa sechaba le bats'oaruoa, le ho tlisa tlhabollo bophelong ba sechaba ka kakaretso. ⚽

Re lumela ho ema le sechaba linakong tsohle, le ho aha sechaba se nang le kutloano.

Re leboha bahlophisi le e mong le e mong ea entseng h**e letsatsi lena le atlehe!🤝✨


Joalo ka ha matsoho a hlatsoana, re nanabetsa letsoho ka M10,000 ho thusa lelapa le ho thusana ka koloi ho phetha mabaka...
24/07/2026

Joalo ka ha matsoho a hlatsoana, re nanabetsa letsoho ka M10,000 ho thusa lelapa le ho thusana ka koloi ho phetha mabaka a Nnete.

Re eme le lelapa nakong ena e boima.

22/07/2026

Naledi Funeral Planners e lla mosoang le malapa a basebetsi ba 8 ba Local Government Botha-Bothe ba amehileng kotsing ea koloi ka la 11 Phupu 2026.

Address

SEBOTHOANE HA MPHUTHING
Hlotse

Opening Hours

Monday 09:00 - 17:00
Tuesday 09:00 - 17:00
Wednesday 09:00 - 17:00
Thursday 09:00 - 17:00
Friday 09:00 - 17:00
Saturday 09:00 - 13:00

Telephone

+26622404100

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Naledi Funeral Planners posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Shortcuts

Share