12/06/2026
HIGH BLOOD PRESSURE (Tšubuhlellano ea mali)
Ke ka makhetlo re utloang leho bona batho ba otluoeng ke stroke, kapa ba shoele lehlakore. Ketsahalo e mahlonoko ena e etsahala ka metsotsoana, ebe e siea motho a se a qhoalile, ekaba ha nakoana kapa bophelo bohle. 🥺
Tšubuhlellano ea mali, hypertension, kapa high blood pressure kamoo re e tloaetseng ka teng, ke boemo ba ha mali a tlala ho feta tekano kahara methapo, hoo a ka phatlolang methapo kapa a e tomolla. Ke moo haa ka phatlola mothapo, haholo e hlokolosi joaloka ea boko, e bang motho o shoa lehlakore. Taba ena re tla teba ka eona mohla re buang ka STROKE/CEREBROVASCULAR ACCIDENT.
Lingaka le baoki hangata ba ngola lipalo tsa sephaka ka bofubelo ha tšubuhlellano e le teng ea mali methapong, e leng ha e feta 140/90 mmHg. Joale u tla utloa mokuli e mong a re ba hae bo tlola 200/110 mmHg, fela a ntse a itšehela. 😭😭
Hopola ho boetse ho na le phallo e tlase ea mali, hypotension, kapa low blood pressure. Le eona e tlaba le nako ea teng kamoso.
MATŠOAO A HIGH BLOOD PRESSURE
Lemoha h**e lefu lena le bitsoa 'silent killer' kapa sannere, ele hobane hangata le sa bontše matšoao a bokotsi ba lona. Lea tsometsa, 'me ha le ope, empa mokuli oa lona a ka tseba ka:
- Motsekelo le pono e rothofalang
- Ho opeloa ke hloho
- Boima le bohloko ba ka mahetleng kapa pelong
- Ho ruruha sefahleho, maoto, kapa matsoho
LITLAMA TSE KA LAOLANG LEFU LENA
- Mofifi
- 'Musa-pelo
- Sefothafotha
- Syringa
MED-iQ OFFICES & CONTACTS:
-Maseru, Mohalalitoe
- Mafeteng, BEDCO A18
- Botha-Bothe, Blue Ocean complex, Lachaba, room G
+26659665861/62251851
KAKARETSO
Lefu lena le ka baka mathata a mangata haholo e kang ho senyeheloa nakong ea bokhachane, ho lutufalloa ke lenyalo haholo ho banna, ekasitana le ho qhotsa mafu a mang e kang a pelo, liphieo, joalojoalo.